top of page

​Our Story

 

LELOKO LA SEMPE NATHANAEL (1)

 

Hantlentle, Sempe enwa ke mang? O tswa kae? O tswalwa ke mofuta ofe wa Basotho?

 

Erekaha histori ya setjhaba sa Basotho e sa ngolwa ke Basotho ka bobona – empa e ngotswe ke baruti ba dimishinare tsa Mafora – jwale ka Moruti Ellenberger le Moruti Eugene Casalis.

 

Ho na le mehlodi e meng ya neanotaba e sa nepahaleng, e hlahella bukeng ya histori e ngotsweng ke D. F. Ellenberger, Basuto Ancient and Modern, maqephe 362-361, moo bara ba Ntsikoe a ba nkileng e ba hlahisa tlasa Modise, e leng setloholo sa Mangole-a-Patsa, mora wa boraro wa Mare.

 

Ka hona, ha ke ntse ke fuputsa, ke fumane mohlodi o nepahetseng ka lesedi leo ke le fumaneng. Ntlha tsa lona bathong ba latelang. Ntate Mosebi Damane, eo e seng e le mofu mmoho le ntate Makhele wa Lesotho eo le yena a seng a hlokahetseng; le Nkgono Dina Mokoele eo e leng setloholo sa Khasu, mora wa letsibolo wa Sempe.

 

Ka hona, sena seo ke se ngotseng mona ke mohlodi wa ditaba o tshepahalang, o fupuditsweng, wa hlahlojwa ka mamello le boikitlaetso bo boholo ruri.

 

Sempe o tswalwa ke Bafokeng ba Mare. 

 

Ke tla hlalosa ka bokgutshwanyane hore Bafokeng ba tswa kae. Ke batho ba neng ba ahile Egepeta pakeng tsa Ethiopia le Letsha la Aswan mengwahengkgolo ya botshelela ho isa wa borobedi. Ka baka la dintlha tsa Mamoseleme ha a qala ho kena, Khontinenteng ya Afrika. Ditjhaba tsohle tse ntsho tse neng di ahile moo tsa falla mme ba bang ba kenella hare ho Afrika Bophirima le leboya la yona. Ba bang ba dula mahareng a yona, ba bang ka botjhabela ho yona.

 

Bafokeng le ditjhaba tse ding, ba tshela Noka ya Zambezi mme batla aha dithabeng tsa Magaliesberg moo e leng toropo ya Pretoria kajeno. E ne e ka ba dilemong tsa bo-250 AD. Ka mora dilemo tse ngata ba phetse moo ke ha ba tshela Lekoa ba tla haha Mekwatleng moo e leng Fouriesburg kajeno. Ntsikwe le bara ba hae ba aha moo e leng Virginia le Winburg kajeno. Komane yena a haha hona Mekwatleng ho isa moo e leng Ficksburg, Ladybrand le Clocolan. Ditulo tseo di ne di bitswa Mabolela nakong eo. Foreisetata kaofela e ne e le naha ya Lesotho nakong eo. 

 

Mangole-a-Patsa o ne a ahile moo kajeno e leng teropo ya Bethlehem mmoho le bara ba hae.

 

Tatelano ya leloko lena ke ena:

 

Monnamoholo Tlopo a tswala Mare, Mare a tswala Komane, Ntsikwe le Mangole-a-Patsa. Hlokomela batho bana bao ke ngotseng ka bona mona e ne e le marena a maholo pele Bakwena ba busa naha ya Lesotho. 

 

Komane le lesika la hae

 

Komane o ne a se na bana ba bashemane. Bana ba hae e ne e le basetsana ba bararo. Ba babedi ba ile ba nyalwa ke Bakwena. E moholo lebitso la hae e leng Tlalane, ha a ka a nyalwa. O ile a tswalla ntatae bara ba babedi e leng Mojalefa le Mahase. Ho Mojalefa ha tswa Bafokeng ba ha Kalane; Kalane a tswala Dijana le Nkwanyane. Ho Dijana ha tswa Bafokeng ba ha Dijana.

 

Nkwanyane a tswala Manti; Manti a tswala Mmope; Mmope a tswala Motanyane lapeng le leholo. Lapeng le lennyane a tswala Makara le kgaitsediae Makaratsana.

 

Motanyane mora Mmope

 

Motanyane mora Mmope a tswala Ramphoko; Ramphoko a tswala Mosala, Sempe le Lewatla. Mosala a nyala mosadi wa Morwa. Ha ke tsebe letho ka lesika la hae hobane nakong ya ho tloha ha Morena Mopedi e Moholo Mabolela, moo BoSempe e neng e le matona a hae ha ba tla tla Qwaqwa, yena le mosadi wa hae ba ile ba sala Mabolela ha Maburu a tla fihla ka ntwa. E ne e ka ba ka selemo sa 1868 ka kgwedi ya Phupjane (June). Ha Morena Mopedi a tloha Mabolela ho tla Qwaqwa setjhaba sa hae e ne e le batho ba 1484: banna 328, basadi 407, bashemane 375 le banana ba 382.

 

Sempe Nathanael

 

Nathanael Sempe o tswalwa ke Khasu (Charles), Tladi (James), Ntamane (Elia), Modupe (Abram). Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Mmakalebe, Fumane, Mosebatho le Anna ya ileng a nyalwa ke monnamoholo Timotia Khakhathiba wa Motloung ntata bo-Samuel Khakhathiba le Monkoe.

 

Khasu mora Sempe e moholo

 

Khasu a tswala Mokhothu (Martins), Tladi (James). Mokhothu o ile a ya haha Matwabeng mme teng a tswala mora eo a ileng a mo rehella ka ntatae Khasu (Charles) le David le Ramphoko, le kgaitsedi ya bona Dina, ya ileng a nyalwa ha Mokwele.

 

Ramphoko o na hahile Malekwarete. Ha ke a fumana lesika la hae ka botlalo. Feela ditlhoholo tsa hae di teng hona moo.

 

Khasu-Charles Mora Mokhothu

 

Khasu-Charles, mora Mokhothu o bile le mora a le mong too, eo a a mo rehelletseng ka ntatae Mokhothu (Martins). Yena e ne e le titjhere jwalo ka ntataemoholo. Le ntatae o qeteletse e le mohlahlobi wa dikolo mme a ya haha Kroonstad. A qetella a le Thaba Nchu moo a neng a ena le polasi. Bara ba hae ke Makara, Sello, Oupa kapa Abram. 

 

David Sempe

 

Jwalo ka bana babo, o na hahile Senekal (Matwabeng). Diphuputsong tsa ka ha ke a fumana lenane la bana ba hae, e mong eka ke Bulu. [Nna ke le Mphanya mokgotsia Sempe ke tswaletswe Matwabeng, Senekal. Lelapa la Tafita Sempe ke a le tseba mme bana ba ha eke ba latelang: Boyboy ya ileng a be a se a haha Soweto, Seponono ya ileng a nyalwa ha Msibi Matlwangtlwang. Eitse hoba ba kgaohane le monna wa ha Msibi le yena a fetela Johannesburg. Bulu ke kgorula ya Sempe mme ke mo qetetse a le lekeisheneng la Senzele le ileng la kopanngwa le Sharpeville dilemong tsa bo-1960. Senzele mona o ne a sebetsana le selakga ho bonahala hore ke sa hae. Ke hopola le hore eka tsebe ya hae e nngwe e ne eka e kgaohile leha e se kaofela.]

 

Tladi (James) mora Khasu wa Bobedi

 

Yena o ile a ya aha Bloemfontein- Mangaung. O ile a tswala mora mme a mo rehella ka ntatae Khasu (Charles). Ha ke a fumana lenane la bana ba hae, feela ke tseba hore ka mora lefu la mohatsae, o ile a nka e mong wa baradi ba ntatemoholo Matata Stefane ngwanabo Nathanael ya tswalang Mokhabi. Morwetsana eo ke MmaBeta kgaitsedi ya ntate Mokhabi, ntlong e kgolo. Ditaba tsa mora e moholo wa Sempe di fella hona mona tsohle.

 

Mora Sempe wa Bobedi

 

Tladi (James) o ile a tswala Matata (Stefane) le Sempe (Nathanael) le dikgaitsedi tse nne e leng: Dina (matsibolo), Rebecca, Rachel le Tebello. Dina o ile a nyalwa ke Aaron Mabesa; Rachel a nyalwa ke Tsebela – Monontsha; Tebello yena a nyalwa ha Thamae – Thaba Bosiu.

 

Matata-Stephen mora Tladi e moholo

 

Matata-Stephen a tswala Mokhabi le Tladi (James). Mohatsae wa pele a hlokahala, a nto nyala hape. Lapeng leo a tswala Felebe, ke ngwana Maputla Motlalentswa, Mojuta, kgaitsedi MmaBeta.

 

Mokhabi mora Stefane

 

Mokhabi o ile a tswala Hlalefo (Semione) Thomas le Mmope (Filemone), Manti le dikgaitsedi tse nne. Haeba ke nepile bona ke Merriam, Maria, Marianna le ya ileng a hlokahala Mme wa Hadibone.

 

Hlalefo Semion mora Mokhabi

 

Hlalefo o ile a tswala Ntsikwe, Stella, Jacob, Mmamoruti le Sempe (Nathanael).

 

Thomase mora Mokhabi

 

Thomase o bile le mora a le mong – Makara (Caswel). O ne a hahile Namahadi haufi le habo Mme ya mo tswalang.

 

Mmope mora Mokhabi

 

Mmope o ile a hlokahala mme a siya lesea la ngwana ngwanana ya bitswang Esther, ya holetseng habo mmae ha Makoanyane Mmakong. Esther o ile a nyalwa Kroonstad. Ba hahile Riverside, Phuthaditjhaba.

 

Manti mora Mokhabi

 

Manti o ile a tswala bara ba babedi, e mong wa bona ke Radiipone (Nathanael) le dikgaitsedi tsa hae. Radiipone (Nathnael) o hlohonolofaditswe ka baradi ba bararo e leng Tlhokomelo, Lebohang le Lerato.

 

Jwalo ka ha mabitso a boswaswi a qetella a fetohile a nete, mme ho nyamela ao e leng ona a sebele, ho jwalo ka bitso lena la Radiipone. Ke lebitso leo ntate Nathanael Sempe a ileng a le rewa ke batho. Ka 1945 ha e ne e le yena motho wa pele ya ileng a sebedisa diborele, ka baka la ho kula ha mahlo mona Botjhabela.

 

Ha se phoso. Mohlala: Morena Peete wa Bakoena, ka lebaka la ntatae ya neng a peteketsa Sesotho hobane e ne e le Lehlubi, ke ha hot la thwe mora wa ha eke Peete. Athe lebitso la hae la sebele ke Motshwane.

 

Mohlala o mong: Morena Monaheng wa Bakwena lebitso la hae la nnete ke Kadi. Empa ka lebaka la Morwa ya ileng a mo rekisetsa naha ka lebaka la matekwane o ile a re: Mosotho w aka, mphe motekwane, ke tla o fa monaheng wa ka. Yaba e se e le ha lebitso le mo namathetseng. La Kadi yaba le nyametse ho fihlela lena le hodimo.

 

Mehlala e meng e mengata haholo. Nka ke ka e qeta. Morena Moletsane wa Bataung lebitso la hae la nnete ke Makhothi. Empa ka lebaka la sefaha sa dikgetla tsa mahe a mpshe seo a neng a se etseditswe ke  badisa ba ntatae. Barwa ba ne ba bitsa letjekwane leo moletsane ka puo ya bona. Ba mo reha lebitso la Moletsane mme jwale lebitso la Makhothi le a nyamela ho fihlela lena le hodimo.

 

Tladi (James) mora Matata Stephen

 

Tladi o ile a tswala Khani le Nti le dikgaitsedi tsa bona tse nne (4). Mora Khani ke Khasu. O na le bana feela ha ke na mabitso a bona.  Ka bodulo o ne a le Welkom empa ha a sa phela hona jwale.

Tladi (James)  o ile a ba le bara ba latelang: Malefetsane, Motse, Thabo, Motlatsi, Botala le Keketsi.

 

Sempe Nathanael mora Tladi wa bobedi

 

Bara ba ha eke ba latelang: Lewatla (Alexander), Khasu (harles), Masita (Efraim), Mokhasi (Reuben) Zakaria), Selai (Elias), Mmuwalla (Enock). Dikgaitsedi tsa bona ke tse latelang: Mmapule, Mosebatho, Dibuseng, Mmadipuo, Junia, Tshepilwe, Manana.

 

Lewatla

 

Lewatla o ile a ba le moradi mme a ba le ngwana le mmae ka 1918 mme a hlokahala botjheng ba hae. 

Khasu: o ile a ba le moradi a le mong feela e leng Ellen, ya ileng a nyalwa ha Mpala, Johannesburg. Masita, Mokhasi le Zakaria. Ba hlokahetse ba sa le batjha ba eso nyale. Athe Selai yena ha a ka a tloha a nyetse ho isa boqhekung ba hae.

 

Mmualla Enoch

 

Bana: Thato, Taelo, Tlotliso le kgaitsedi a bona ya inotshi, Manana. Thato: mora wa hae ke Boitumelo; ddikgaitsedi tsa hae ke mosa le Motshedisi. Taelo: mora wa ha eke Bohlale eo mmae a ileng a hlokahala a sa le mo nnyane. Ho tsoseng ntlo ha ntatae ha ban a bana. Tlotliso: lenyalong la hae o itsibotse ka moradi eo lebitso la hae e leng Tshepiso.

 

 

MORA WA BORARO WA SEMPE (1)

 

Ntamane: bana ba ha eke ba latelang: Maseng le Semione. Semione o ile a hlokahala a sa le monyenyane. Maseng: bana ba hae ke ba latelang: Azaria le Tladi le dikgaitsedi. Azaria o ile a tswala Paki le ngwanabo eo ke sa fumaneng lebitso la hae. Paki: o ile a tswala Makara le Malefane. Lapeng la bobedi ke Ntamane, Mohau le Makalla. Makara ha ke a fumana bana ba hae. Malefane mora wa hae yena ke Moeketsi. Tladi mora Maseng: bana ba ha eke ba latelang: Joele le Malefane le kgaitsedi ya bona. Joele bana ba hae ke bana: Samuele, Semione, Thomase, Modupe, Stuarte, Mmope le dikgaitsedi tsa bona.

 

Malefane mora Tladi mora wa hae ke Masita le dikgaitsedi tsa hae. Modupe (Abram) mora Sempe wa bone; ban aba ha eke Matata (Stephe) le dikgaitsedi. Matata (Stephen) Bana: Dithako (Simon), Sello (Jerry), Modipa le kgaitsedi tse tharo. Dithako: bana ke Ntamane le Esau le dikgaitsedi tsa bona. Sello (Jerry): Bana: Mapamela le dikgaitsedi.

 

Lena ke lona lelapa la Sempe mora Ramphoko wa bobedi.

 

Lewatla mora Ramphoko wa boraro

 

Bana: Dithako le Mokhasi. Ho utlwahala hore bana bana ba Ramphoko ba ne ba qabane mme ba hloleha ho rarolla bothata ba bona. Ba qetella ba arohane.

 

Bana ba Sempe ba ipitsa ka yena Sempe. Ba Lewatla ba ipitsa ka Dithako mora Lewatla; ba Mokhasi ba ipitsa ka yena Mokhasi mora Lewatla.

 

Ha re kgutlela morao ho mora wa bobedi wa Mmope e leng Makara wa ntlo ya bobedi. Ho utlwahala hore mme wa Makara ke moradi wa Morena Peete, kgaitsedi a Dibe le Mokhachane. 

 

Makara mora Mmope wa bobedi

 

Mora wa hae ke Ntahli; Ntahli a tswala Seepheephe; Seepheephe a tswala ba latelang: Mahau, Rankhethoa, Matete, Ramabidikwe. Ha a reneketswa ho thwe ke Ramapepe, e mong ke Rankhase, le kgaitsedi ya bona, Mabela.

 

Mabela ke yena Mofumahadi Mmamohato mohatsa Morena Moshoeshoe mma Letsie II, Molapo le Masopha. O na bitswa hape ka la Mmasenate. Makara, leloko la hae kaofela le ka Lesotho.

 

Tahlehelo ya borana ba Bafokeng

 

Mme wa Makara e ne e le ngaka. Ka bongaka ba hae o ile a ruisa Morena Mmope haholo. Eitse ka mora lefu la Morena Mmope, a re ho mora wa hae Makara: Bona, moholwanao Motanyane ke yena mojalefa la borena. O tla nka dikgomo tsohle a se ke a o siela letho.

 

Etsa tjena: batla banna mme le ntshe mohlape wa dikgomo bosiu bo boholo le di ise ha motswalao Moshoeshoe, mme yena a o patele tsona. Makara a fela a nka dikgomo tsa moreneng kaofela. A siya di se kae mme tsohle a di isa ho Moshoeshoe. Ha ba moreneng ba utlwa ka ketso eo, ba futuha. Makara a balehela ho Moshoeshoe. Ha qaleha ntwa mme bana ba morena ba lwana. Yaba Bafokeng ba bang ba thusa Makara, bana le Bakoena ba Moshoeshoe.

 

Ntwa ya imela ba moreneng boMotanyane. Yaba Makara borena o bo neha motswalae. Moshoeshoe ka hobane a tshaba ho bolawa ke bahabo ka ketso eo e mpe. 

 

Bafokeng ba Mare ba ana Letsa kapa morara, e seng mmutla. Ke tsena dithoko tsa bona:

 

DITHOTHOKISO

 

Mmamoraredi wa Phole Seepheephe

Rarolla ba Mare dithapong

Ba raretseng ka hlooho ya motho ya kgomo e le teng

Mahahanyane a Rakgudu Maotwana Finyela, finyela lekokong

Ke Bafokeng ba Mmasepitli sa Mangange

Ba pitlile dikgwana di se kaa ka letho metsing

Ke Bafokeng ba maotwana finyela

A kaa ka dinaledi boseberwana

Ba jwang ba tshaane molelengwane

Pitsa di telle kapea-maumo 

Bafokeng ba Makara Mantia Mmope

Ke ngwana hodiotswana le letshwana Makara

Ha le dume feela le hlola pula

Mahlola-pula ke monono Bafokeng!

Ke thebe e ntsho moloi wa dithebe

Makara pula o e rutwa ke mang

O e rutwa ke mohatsae Mmalesekela

Ke Bafokeng ba Selai sa Matshasa sakana lenyane le ikatise la Mmope

Ke ngwana merara e matswedintsweke 

Mofokeng ngwana madikatsholo la ka phirimana

La motsheare o tshabang ho le dika

Ke tshaba melato nthong tsa batho

Mofokeng o ipatlele ntho tsa hao

Hobane dibatlwa-ke-batho di a o hana

Etswe mphemphe e a lapisa. (Ya kgaola ya ya)

 

 

Mora wa boraro wa Mare ke Mangole-a-Patsa. Yena o tswetse bar aba babedi mme bona ke Khapelo le Sefiri. Ho Khapelo ho tswile Bafokeng ba ipitsang Mmamphane-a-Patsa/Ba tlapa ha le ribollwe/O le ribolla o tla bona mehlolo. Mora Sefiri ke Kuta: Kuta o ne a na le mafumahadi a mabedi. Wa pele mora wa ha eke Ntsukunyane. Wa bobedi bara ba ha eke Matome le Modise.

 

Ntsukunyane mora wa ha eke Makakane mme kgaitsedie ke Khodu, mme wa Morena Moshoeshoe. Makakane mora wa hae ke Ratshiu le Ralefikane; Ralefikane bara ba hae ke Putsoane le Tladi.

 

Modise wa ha eke Masekoane; Masekoane a tswala Rampinane le letseka. Bafokeng ba Modise ba tswa lelokong la Mangola-a-Patsa.

 

Basotho ba re phoso e tsamaya le mohatisi. Le nna le tla nkinela matsoho metsing; moo le fumanang diphoso teng, mme moo ke sa latelang tlhatlhamano ya malapa a bolona ka moo le tsebang, lokisang mme nna ho fihla mona ke lekile, Bafokeng. Hore moloko wa borona ha o fihla letlobong le letjha o se ke wa ya le noka e kgolo ena e bitswang Hosetsotelle.

 

Ya bokeletseng makumane ana a setseng ho hoo e neng e le polokoe e kgolo e lahlehileng. A hlakohileng dikelellong tsa baholo ba rona ba seng ba fetile ho lena. Jwalo ka ha ho thwe metsi a kgale a ntshwa ke a matjha, kelello ya motho e jwalo le yona. E dula e hlakola tsa kgale e tshwara tse kenang ka ho yona botjha, jwalo ka metsi.

 

Mmuwalla Enoch Sempe

01 Motsheanong 2008

 

 

 

 

 

Matona a Morena Thokwana Makaota yena Mopeli ke ana a latelang: Maibi,  Raitlhokwe, Ramontsheng, Ramafikeng, Moteka, Mofo, Motjodi, Ralentsha,  Likgang, Maleke, Matile, Mapatso, Tlali, Rampalile, Nathanael Sempe,  Ramalape, Ratlali, Ntohla, Makhontjhane, Morena Hlajeane wa pele.

 

Mopeli o ne a ena le basadi ba 13 mme bona ke bana ba latelang:

 

Mantsubise, Mamatjhakela, Maditeme, Mamotebang, Maditshesane, Maramoeti, Mankoe, Matobalete, Makatse, Maleihlo, Masefoofo,  Mamokheche le Makhojane.

 

Mora e moholo wa Morena Mopeli ke Rantsane (Apolos). Bara ba hae ke bana ba latelang: Ntsane, Josiase, Fillipi, Moremoholo, Selebalo.

 

Ntsane o ne a na le basadi ba 12 mme bona ke bana ba latelang: Ntolo, Mampoi, Malepanya, Mampesa, Matanki, Mamathe, Mathabo, Adel, Mamotake, Masethunya, Mantwa le Mamoshoeshoe.

 

Morena Mopeli o hlahetse Lesotho ka 1816 sebakeng se bitswang Motebong. Ke ngwana ya tswaletsweng lapeng la bone; a Morena Mokhachane. O ne a hahile Mabolela. Mabolela e ne e le karolo ya Lesotho. Jwalo ka ha naha ya Lesotho moedi wa yona mehleng eo, pele Maburu a fihla, o ne o kgaotsa ka noka ya Lekoa.

 

Ka mora ho ba a qhalwe ke Maburu ka ntwa moo, o ile a etsa ditumellano le President Brand hore a fumane Qwaqwa ka ho ntsha dikgomo tse 10 000 tse neng di utswitswe ke Wetsi ka mapolasing a Natala.

 

Tumellano eo e entswe ka 1867 mme ya saenelwa ke yena le matona a hae a mabedi, Maibi le Morena Hlajoane. O ile a fihla Qwaqwa ka 1868 mme a emisa Maboloka moo tlasa thaba a ntano fetela Monontsha moo a ileng a haha teng athe ha e le Botjhabela teng, a siya Sempe. A siya Ntohla le Matile Mabolela.

 

Morena Mopeli o hlokahetse selemong sa 1897 Monontsha mme a ya patelwa ha habo Lesotho. Mora wa hae e moholo – Apolos Rantsane – o ile a busa Qwaqwa a le Makwane moo a neng a hahile teng.

 

A tloha a ya Lesotho ho ya namola bana ba Moshoeshoe ba neng ba qabane, ba lwana. Ha a se a kgutlela Qwaqwa yaba Maburu a mo hanela ho kgutla a ba a tshwanela ho dula Lesotho bophelo bohle ba hae. Mora wa hae Ntsane a nka puso. A busa Qwaqwa ka dilemo tse 20 mme a hlokahala ka 1918.  Yaba mora wa hae e moholo Ramatshediso Charles Mopeli o nka puso. Charles o hlahile ka 1891 mme o busitse Qwaqwa ka dilemo tse 44. O hlokahetse ka selemo sa 1962.

 

Mora wa hae Ntsane II (Arthur) Mopeli, a nka puso ka 1963 mme a busa nako e kgutshwane haholo ya dilemo tse tharo. A hlokahala ka 1966. Mora wa hae Motebang a nka puso ka 1978. Motebang o hlahile ka 1953 mme a busa dilemo tse 15. A hlokahala k aka 1993 a le dilemo di 40. Mora wa hae Thokwana a tshwarelwa borena ke mmae Mmathokwana.

 

Lebitso la Noka ya Mohokare le tswalwa ke dipuisano tsa Morena Moshoeshoe le Mmusisi wa Kapa ha ho ne ho sewa moedi o arolang Lesotho le Foreistata. Morena Moshoeshoe a re “Moo ka hare ho naha ya ka le se le etsa moedi. Mme Mmusisi ka ho hlolwa ke qapodiso ya Sesotho ke ha a re: Mohokare efe?

 

Nalane ena ke e bokeletse mehloding e latelang:

 

Ellenberger, DF (V.D.M) History of the Basutos. Morija Museum Archives

Casalis, Eugene: The Basutos. Morija Sesuto Book Depot: Morija. Lesotho

Mopeli, Tsiame Kenneth (2004): Paulus Mopeli mokhachane Thokoana Makaota

Damane, Mosebi Dr.

Ntate Makhele le Nkgono Dina Mokuele.

 

© 2016 by the Sempe Family. 

bottom of page